Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 15:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Moeli o ne o nyolohela Khohlong ea Mora oa Hinome+ ho ea moepeng oa Bajebuse+ ka boroa e leng Jerusalema.+ O nyolohela ka holim’a thaba e shebileng Khohlo ea Hinome ho ea ka bophirimela e leng qetellong ea Khohlo* ea Barefaime ho ea ka leboea.

  • Joshua 15:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Moeli o ka bophirimela o ne o le Leoatleng le Leholo*+ hammoho le lebopong la lona. Ona e ne e le moeli oa litloholo tsa Juda ho ea ka malapa a tsona ka mahlakoreng ’ohle.

  • Jeremia 7:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe, e Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+

  • Jeremia 19:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 u ee Phuleng ea Mora oa Hinome,+ e Keiting ea Sebopi.* Ha u fihla moo, u phatlalatse mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.

  • Matheu 5:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Empa ke re ho lona, e mong le e mong ea lulang a halefetse+ ngoan’abo o tla ikarabella lekhotleng la boahloli. Mang kapa mang ea buang mantsoe a etsang hore ngoan’abo a ikutloe a se na thuso, o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa. Athe mang kapa mang ea reng ho e mong: ‘Sehole tooe!’ o tla lokeloa ke mollo oa Gehena.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela