Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+

  • Deuteronoma 28:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Jehova a ke ke a atlehisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang ’me le tla fuoa kotlo ho fihlela le felisoa ka potlako ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe le kahobane le ntahlile.+

  • Joshua 23:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Haeba le tlola selekane sa Jehova Molimo oa lona seo a le laetseng hore le se boloke ’me haeba le sebeletsa melimo e meng le ho e inamela, joale Jehova o tla le halefela haholo+ ’me le tla felisoa ka potlako naheng e ntle eo a le fileng eona.”+

  • 2 Likronike 15:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 A ea ho Asa ’me a re ho eena: “Asa le lona Bajuda le Babenjamine kaofela, ’mameleng. Jehova o na le lona hafeela le sa mo tlohele+ ’me haeba le mo batla o tla etsa hore le mo fumane+ empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+

  • Esaia 63:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Empa ba mo fetohela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+

      Eaba o fetoha sera sa bona,+

      A ba loantša.+

  • Jeremia 17:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova, tšepo ea Iseraele,

      Bohle ba u furallang ba tla hlajoa ke lihlong.

      Ba u koenehelang* ba tla nyamela joaloka mongolo o mobung+

      Hobane ba furaletse Jehova, mohloli oa metsi a bophelo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela