Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 15
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 2 Likronike

      • Asa o etsa liphetoho (1-19)

2 Likronike 15:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jak 4:8
  • +Esa 55:6
  • +1Kr 28:9; Heb 10:38

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/15/2012, maq. 9-10

2 Likronike 15:3

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Ka matsatsi a mangata.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 33:8, 10; 2Kr 17:8, 9; Mal 2:7

2 Likronike 15:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 106:43, 44; Esa 55:7

2 Likronike 15:5

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ho ne ho se na khotso bakeng sa ea tsoang kapa ea kenang.”

2 Likronike 15:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 28:15, 48

2 Likronike 15:7

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “le se ke la tlohela matsoho a lona hore a khathale.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 1:9; 1Kr 28:20

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/15/2012, leq. 9

2 Likronike 15:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 23:24
  • +2Kr 8:12

2 Likronike 15:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:16; 30:25

2 Likronike 15:12

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:29; 2Ma 23:3; Ne 10:28, 29

2 Likronike 15:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 22:20

2 Likronike 15:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 15:2
  • +Pr 16:7

2 Likronike 15:16

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:9, 10
  • +De 13:6-9
  • +1Ma 15:13, 14

2 Likronike 15:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 22:43
  • +1Ma 14:22, 23; 2Ma 14:3, 4; 23:19, 20
  • +1Ma 8:61

2 Likronike 15:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 7:51; 15:15; 1Kr 26:26

2 Likronike 15:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 14:1

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

2 Likron. 15:2Jak 4:8
2 Likron. 15:2Esa 55:6
2 Likron. 15:21Kr 28:9; Heb 10:38
2 Likron. 15:3De 33:8, 10; 2Kr 17:8, 9; Mal 2:7
2 Likron. 15:4Ps 106:43, 44; Esa 55:7
2 Likron. 15:6De 28:15, 48
2 Likron. 15:7Jos 1:9; 1Kr 28:20
2 Likron. 15:82Ma 23:24
2 Likron. 15:82Kr 8:12
2 Likron. 15:92Kr 11:16; 30:25
2 Likron. 15:12De 4:29; 2Ma 23:3; Ne 10:28, 29
2 Likron. 15:13Ex 22:20
2 Likron. 15:152Kr 15:2
2 Likron. 15:15Pr 16:7
2 Likron. 15:161Ma 15:9, 10
2 Likron. 15:16De 13:6-9
2 Likron. 15:161Ma 15:13, 14
2 Likron. 15:171Ma 22:43
2 Likron. 15:171Ma 14:22, 23; 2Ma 14:3, 4; 23:19, 20
2 Likron. 15:171Ma 8:61
2 Likron. 15:181Ma 7:51; 15:15; 1Kr 26:26
2 Likron. 15:192Kr 14:1
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Likronike 15:1-19

Buka ea Bobeli ea Likronike

15 Moea oa Molimo oa e-ba holim’a Azaria mora oa Odede. 2 A ea ho Asa ’me a re ho eena: “Asa le lona Bajuda le Babenjamine kaofela, ’mameleng. Jehova o na le lona hafeela le sa mo tlohele+ ’me haeba le mo batla o tla etsa hore le mo fumane+ empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+ 3 Ka nako e telele* Baiseraele ba ne ba sa sebeletse Molimo oa ’nete, ba se na moprista ea ba rutang ba bile ba sa boloke Molao.+ 4 Ha ba le mathateng, ba ne ba khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele ’me ba mo batla ebe o etsa hore ba mo fumane.+ 5 Ka nako eo, ho ne ho se na motho ea ka tsamaeang a sireletsehile* hobane baahi bohle ba linaha ba ne ba loantšana. 6 Sechaba se ne se felisoa ke se seng le motse o felisoa ke o mong hobane Molimo o ile a ba ferekanya ka mathata a mefuta eohle.+ 7 Empa lona le be matla ’me le se ke la nyahama*+ hobane mosebetsi oa lona o tla putsoa.”

8 Ha Asa a utloa mantsoe ana le boprofeta ba moprofeta Odede, a ba sebete ’me a tlosa litšoantšo tse nyonyehang naheng eohle ea Juda+ le Benjamine le metseng eo a neng a e hapile lithabeng tsa Efraime eaba o tsosolosa aletare ea Jehova e neng e le ka pel’a foranta ea ntlo ea Jehova.+ 9 A bokella Bajuda le Babenjamine bohle le balichaba ba neng ba e-na le bona ba tsoang lelokong la Efraime, la Manase le la Simeone+ hobane ba ile ba tlohela Iseraele ba ea ho eena ba le bangata haholo ha ba bona hore Jehova Molimo oa hae o na le eena. 10 Ba bokana Jerusalema ka khoeli ea boraro ha Asa a se a e-na le lilemo tse 15 a busa. 11 Letsatsing leo ba etsetsa Jehova mahlabelo ka likhomo tse 700 le linku tse 7 000 ho tsoa linthong tseo ba neng ba li hapile. 12 Hape ba etsa selekane sa ho batla Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ka lipelo tsa bona tsohle le ka moea* oa bona oohle.+ 13 Mang kapa mang ea neng a ke ke a batla Jehova Molimo oa Iseraele o ne a tla bolaoa ebang o moholo kapa o monyenyane ebang ke monna kapa mosali.+ 14 Ba ikana ho Jehova ka mantsoe a phahameng, ba hoelelitse ka thabo ’me ba letsa literompeta le manaka. 15 Bajuda bohle ba thaba ka lebaka la kano eo ba e entseng hobane ba ne ba e entse ka lipelo tsohle tsa bona, ba batlile Molimo ’me a entse hore ba mo fumane.+ Jehova a ba phomotsa ho lira tsohle tsa bona.+

16 Morena Asa a tlosa le nkhono oa hae Maaka+ boemong ba bofumahali hobane o ne a etselitse palo e halalelang* setšoantšo se rapeloang se nyonyehang.+ Asa a liha setšoantšo seo, a se silakanya ’me a se chesetsa Khohlong ea Kidrone.+ 17 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa+ Iseraele.+ Leha ho le joalo, Asa o ile a sebeletsa Molimo ka pelo eohle bophelo bohle ba hae.+ 18 A tlisa lintho tseo eena le ntate oa hae ba li halalelitseng ka tlung ea Molimo oa ’nete e leng silevera, khauta le lisebelisoa tse fapa-fapaneng.+ 19 Ka lilemo tse 35 tsa puso ea Asa, ho ne ho se na ntoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela