Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 9:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ha sechaba sohle se bona mollo o tsoang ho Jehova+ o chesa nyehelo ea secheso le mafura a aletareng, sa hoeletsa ’me sa khumama.*+

  • Baahloli 13:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Joale Manooa a nka potsanyane le nyehelo ea lijo* ’me a etsetsa Jehova nyehelo ka tsona holim’a lefika. Ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba shebile, Molimo o ile a etsa ntho e hlollang. 20 Ha lelakabe la mollo le ntse le nyoloha ho tsoa aletareng ho ea leholimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le le ka har’a lelakabe le tsoang aletareng ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba shebeletse. Hang-hang ba khumama.*

  • 1 Marena 18:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Mollo oa Jehova oa theoha leholimong ’me oa chesa nyehelo ea secheso,+ patsi, majoe, lerole le metsi a neng a le ka forong.+

  • 1 Likronike 21:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Davida a hahela Jehova aletare+ moo ’me a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, a rapela Jehova eaba o mo arabela ka ho theolela mollo+ o tsoang leholimong holim’a aletare ea nyehelo ea secheso.

  • 2 Likronike 7:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ha Solomone a qeta ho rapela,+ mollo oa theoha leholimong+ oa chesa nyehelo ea secheso le mahlabelo eaba khanya ea Jehova e tlala ntlo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela