Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 18
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Marena

      • Elia o kopana le Obadia le Akabe (1-18)

      • Elia le baprofeta ba Baale ba Karmele (19-40)

        • “Le tla lula le sa tsebe hore na le lehlakoreng lefe” (21)

      • Komello ea fela ka mor’a lilemo tse tharo le halofo (41-46)

1 Marena 18:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Lu 4:25; Jak 5:17
  • +Ps 65:9, 10; Jer 14:22

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    4/1/2008, leq. 19

    4/1/1992, leq. 17

1 Marena 18:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:26; De 28:24

1 Marena 18:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    10/1/2006, leq. 20

1 Marena 18:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “felisa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 16:31

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    10/1/2006, leq. 20

1 Marena 18:5

Linaletsana

  • *

    Kapa: “liphuleng.”

1 Marena 18:7

Linaletsana

  • *

    A thetsitse fatše ka hlooho.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 1:8

1 Marena 18:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 17:2, 3

1 Marena 18:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 2:15, 16; Mat 4:1; Lik 8:39

1 Marena 18:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 18:4

1 Marena 18:15

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pel’a hae.”

1 Marena 18:17

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ea tlisang khathatso.”

1 Marena 18:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:4; 1Ma 9:9; 16:30-33

1 Marena 18:19

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 19:26, 31
  • +1Ma 16:33

1 Marena 18:21

Linaletsana

  • *

    Kapa: “pakeng tsa maikutlo a mabeli.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 2:11; Hos 10:2; Mat 12:30; 1Ko 10:21; 2Ko 6:14, 15
  • +Ex 20:5; Jos 24:15; 1Sa 7:3; Ps 100:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 46

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    3/2017, maq. 14-15

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 86-87

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, leq. 19

    12/15/2005, maq. 24-29

    7/1/2005, maq. 30-31

    1/1/1998, leq. 30

1 Marena 18:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 19:9, 10

1 Marena 18:23

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 87

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, leq. 19

1 Marena 18:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 6:31
  • +Le 9:23, 24; De 4:24; Bhl 6:21; 1Kr 21:26; 2Kr 7:1

1 Marena 18:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 45:20; Jer 10:5; Dan 5:23; Hab 2:18, 19; 1Ko 8:4

1 Marena 18:27

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “o nkile leeto.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 41:23

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 88

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, leq. 20

1 Marena 18:28

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    1/1/1998, leq. 30

1 Marena 18:29

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ba itšoere joaloka baprofeta.”

  • *

    Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 44:19, 20

1 Marena 18:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 19:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 88-90

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, leq. 20

    12/15/2005, leq. 26

1 Marena 18:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 32:28, 30; 35:10; Esa 48:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 88-90

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, leq. 20

1 Marena 18:32

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “litekanyo tsa seah tse peli.” Seah e le ’ngoe e lekana le lilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ea B14.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:25; De 27:6

1 Marena 18:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 22:9; Le 1:7, 8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    1/1/1998, maq. 30-31

    Buka ea Batho Bohle, leq. 17

1 Marena 18:34

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Buka ea Batho Bohle, leq. 17

1 Marena 18:35

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Buka ea Batho Bohle, leq. 17

1 Marena 18:36

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 29:41
  • +Ge 26:24
  • +Ge 28:13
  • +Nu 16:28; Joh 11:42

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 90

    Molula-Qhooa,

    10/1/2010, maq. 4-5

    1/1/2008, leq. 20

1 Marena 18:37

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 31:18; Eze 33:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 90

    Molula-Qhooa,

    10/1/2010, maq. 4-5

    1/1/2008, leq. 20

1 Marena 18:38

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 9:23, 24; Bhl 6:21; 2Kr 7:1
  • +1Ma 18:23, 24

1 Marena 18:40

Linaletsana

  • *

    Kapa: “khohlong.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 5:20, 21; Ps 83:9
  • +De 13:1-5; 18:20

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 90-91

    Molula-Qhooa,

    1/1/2008, maq. 20-21

1 Marena 18:41

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 17:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 93, 94-95

    Molula-Qhooa,

    4/1/2008, maq. 17-18

1 Marena 18:42

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jak 5:17, 18

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 93-94

    Molula-Qhooa,

    4/1/2008, maq. 17-18

1 Marena 18:43

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 94-95

    Molula-Qhooa,

    4/1/2008, maq. 18-19

1 Marena 18:44

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 95-97

    Molula-Qhooa,

    1/1/2009, maq. 15-16

    4/1/2008, maq. 18-20

1 Marena 18:45

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 12:18; Job 38:37
  • +Jos 19:17, 18; 1Ma 21:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 97

    Molula-Qhooa,

    4/1/2008, leq. 20

1 Marena 18:46

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 98-99

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 18

    4/1/2008, leq. 20

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Mar. 18:1Lu 4:25; Jak 5:17
1 Mar. 18:1Ps 65:9, 10; Jer 14:22
1 Mar. 18:2Le 26:26; De 28:24
1 Mar. 18:41Ma 16:31
1 Mar. 18:72Ma 1:8
1 Mar. 18:101Ma 17:2, 3
1 Mar. 18:122Ma 2:15, 16; Mat 4:1; Lik 8:39
1 Mar. 18:131Ma 18:4
1 Mar. 18:18Ex 20:4; 1Ma 9:9; 16:30-33
1 Mar. 18:19Jos 19:26, 31
1 Mar. 18:191Ma 16:33
1 Mar. 18:21Jer 2:11; Hos 10:2; Mat 12:30; 1Ko 10:21; 2Ko 6:14, 15
1 Mar. 18:21Ex 20:5; Jos 24:15; 1Sa 7:3; Ps 100:3
1 Mar. 18:221Ma 19:9, 10
1 Mar. 18:24Bhl 6:31
1 Mar. 18:24Le 9:23, 24; De 4:24; Bhl 6:21; 1Kr 21:26; 2Kr 7:1
1 Mar. 18:26Esa 45:20; Jer 10:5; Dan 5:23; Hab 2:18, 19; 1Ko 8:4
1 Mar. 18:27Esa 41:23
1 Mar. 18:29Esa 44:19, 20
1 Mar. 18:301Ma 19:14
1 Mar. 18:31Ge 32:28, 30; 35:10; Esa 48:1
1 Mar. 18:32Ex 20:25; De 27:6
1 Mar. 18:33Ge 22:9; Le 1:7, 8
1 Mar. 18:36Ex 29:41
1 Mar. 18:36Ge 26:24
1 Mar. 18:36Ge 28:13
1 Mar. 18:36Nu 16:28; Joh 11:42
1 Mar. 18:37Jer 31:18; Eze 33:11
1 Mar. 18:38Le 9:23, 24; Bhl 6:21; 2Kr 7:1
1 Mar. 18:381Ma 18:23, 24
1 Mar. 18:40Bhl 5:20, 21; Ps 83:9
1 Mar. 18:40De 13:1-5; 18:20
1 Mar. 18:411Ma 17:1
1 Mar. 18:42Jak 5:17, 18
1 Mar. 18:451Sa 12:18; Job 38:37
1 Mar. 18:45Jos 19:17, 18; 1Ma 21:1
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
  • 38
  • 39
  • 40
  • 41
  • 42
  • 43
  • 44
  • 45
  • 46
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Marena 18:1-46

Buka ea Pele ea Marena

18 Ka mor’a nako e itseng ka selemo sa boraro+ Jehova a bua le Elia a re: “E-ea ho Akabe ’me ke tla nesa pula lefatšeng.”+ 2 Elia a ea ho Akabe nakong eo ho neng ho e-na le tlala e kholo+ Samaria.

3 Akabe a bitsa Obadia ea neng a hlokometse lelapa la morena. (Obadia o ne a hlompha Jehova haholo. 4 Ha Jezebele+ a bolaea* baprofeta ba Jehova, Obadia o ile a nka baprofeta ba 100 a ba pata, ba 50 ka lehaheng le leng le ba bang ba 50 ka ho le leng ’me o ne a ba fa bohobe le metsi.) 5 Akabe a re ho Obadia: “E-ea lilibeng le likhohlong* tsohle tse teng naheng ena. Mohlomong re tla fumana joang bo lekaneng e le hore lipere le limmoulo tsa rona li ’ne li phele ’me liphoofolo tsa rona li se ke tsa shoa kaofela.” 6 Ba arolelana libaka tseo ba tla ea ho tsona. Akabe a tsamaea a le mong ka tsela ena ’me Obadia a tsamaea a le mong ka tsela eane.

7 Ha Obadia a ntse a le tseleng, Elia a mo khahlanyetsa. Ha a mo bona a khumama* a re: “Moren’a ka Elia na ke uena?”+ 8 A re ho eena: “Ke ’na. Tsamaea u e’o bolella morena oa hao hore ke teng.” 9 Empa Obadia a re: “Ke sebe sefe seo ke se entseng hore u fane ka ’na ho Akabe hore a mpolaee? 10 Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa hao ea phelang hore ha ho na sechaba kapa ’muso oo moren’a ka a sa romelang batho ho oona hore ba batlane le uena. Ka mor’a hore ba re, ‘Ha a eo mona,’ o ile a etsa hore mebuso le lichaba li hlapanye hore ha baa u fumana.+ 11 Empa joale u re ke tsamaee ke e’o bolella morena hore u teng.” 12 Ha ke tloha ho uena, moea o halalelang oa Jehova o tla u isa+ sebakeng seo ke sa se tsebeng. Etlare ha ke bolella Akabe hore u teng ’me a sa u fumane, o tla mpolaea. ’Na mohlanka oa hao esale ke hlompha Jehova ho tloha ke sa le mocha. 13 Na moren’a ka ha oa ka oa bolelloa hore na ke entse’ng ha Jezebele a bolaea baprofeta ba Jehova, hore ke ile ka pata baprofeta ba Jehova ba 100 ka lehaheng ka lihlopha tsa ba 50 ’me ka ’na ka ba fa bohobe le metsi?+ 14 Empa u re ke tsamaee ke e’o bolella morena hore u teng. Kannete morena o tla mpolaea.” 15 Elia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa mabotho ea phelang eo ke mo sebeletsang* hore kajeno ke tla ikisa ho eena.”

16 Obadia a tsamaea ho ea kopana le Akabe ’me a mo bolella eaba Akabe o e’o kopana le Elia.

17 Hang ha Akabe a bona Elia a re ho eena: “Na ke uena, uena ea tlisetsang Iseraele mathata?”*

18 Elia a re ho eena: “Ha se ’na ea tlisitseng mathata Iseraele, ke uena le lelapa la ntate oa hao hobane le tlohetse melao ea Jehova ’me le latetse melimo ea Baale.+ 19 Mpitsetse Baiseraele bohle Thabeng ea Karmele,+ baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang*+ ba 400, ba jellang tafoleng ea Jezebele.” 20 Akabe a romela molaetsa ho sechaba sohle sa Iseraele ’me a bokella baprofeta Thabeng ea Karmele.

21 Elia a atamela sechaba sohle ’me a re: “Le tla lula le sa tsebe hore na le lehlakoreng lefe* ho fihlela neng?+ Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng+ empa haeba Baale e le eena molimo oa ’nete le latele eena.” Empa sechaba ha sea ka sa mo araba. 22 Elia a re ho sechaba: “Ke setse ke le mong ho baprofeta ba Jehova,+ ha baprofeta ba Baale bona ba le 450. 23 E-reng ba re fe lipohoana tse peli, ba ikhethele pohoana e le ’ngoe ’me ba e khaole likotoana ba e behe holim’a patsi empa ba se ke ba e hotetsa. Ke tla lokisa pohoana e ’ngoe ’me ke e behe holim’a patsi empa nke ke ka e hotetsa. 24 Hoeletsang ho molimo oa lona+ ’me le kope thuso, le ’na ke tla kopa thuso ho Jehova. Molimo ea tla arabela ka ho romela mollo o tla bontša hore ke eena Molimo oa ’nete.”+ Sechaba sohle sa re: “Ntho eo u e buang ea utloahala.”

25 Elia a re ho baprofeta ba Baale: “Ikhetheleng pohoana e le ’ngoe le e lokise pele hobane ke lona ba bangata. Le hoeletse lebitso la molimo oa lona empa le se ke la e hotetsa.” 26 Ba nka pohoana eo ba neng ba e filoe, ba e lokisa. Ba ’na ba bitsa lebitso la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare ba ntse ba re: “Baale re arabe!” Empa ho ne ho se na lentsoe kapa motho ea ba arabang.+ Ba ’na ba qhoma-qhoma ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse. 27 Motšehare Elia a ba soma a re: “Hoeletsang haholo kaha le re ke molimo!+ Mohlomong o ntse a ja masapo a hlooho kapa o ile ntloaneng.* Kapa o robetse o hloka ho tsosoa.” 28 Ba ne ba hoelelitse haholo ebile ba itšeha ka lithipa le marumo ho ea ka tloaelo ea bona, ho fihlela ba le mali hohle ’meleng. 29 Letšehare la fela ba ntse ba etsa ntho e tšoanang,* ho fihlela mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo* empa ho ne ho se na lentsoe kapa motho ea ba arabang. Ho ne ho se na motho ea ba mametseng.+

30 Qetellong Elia a re ho sechaba sohle: “Nkatameleng.” Sa atamela. A lokisa aletare ea Jehova e neng e helelitsoe.+ 31 Elia a nka majoe a 12, a lekanang le palo ea maloko a bara ba Jakobo, eo Jehova a neng a itse ho eena lebitso la hae e tla ba Iseraele.+ 32 Ka majoe ao a haha aletare+ e tlisang thoriso lebitsong la Jehova. Ho potoloha aletare a etsa foro. Sebaka se ka har’a moeli o entsoeng ke foro se ne se le boholo ba hore ho ka jaloa peo e ka etsang lilithara tse 15.* 33 A beha patsi hantle, a khaola pohoana likotoana ’me a e beha holim’a patsi.+ A re: “Tlatsang metsi ka linkhong tse ’nè tse kholo le a tšele holim’a nyehelo ea secheso le patsi.” 34 A re: “A tšeleng hape.” Ba a tšela. A boela a re: “A tšeleng ka lekhetlo la boraro.” Ba a tšela ka lekhetlo la boraro. 35 Metsi a tlala hohle aletareng, ba a tlatsa le ka forong.

36 Mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ moprofeta Elia a atamela a re: “Jehova Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele, kajeno batho bohle ba ke ba tsebe hore u Molimo Iseraele ’me ’na ke mohlanka oa hao le hore ke uena ea ntaetseng hore ke etse lintho tsena tsohle.+ 37 Nkarabe Jehova. Nkarabe e le hore batho bana ba ka tseba hore uena Jehova u Molimo oa ’nete le hore u ba thusa hore ba khutlele ho uena.”+

38 Mollo oa Jehova oa theoha leholimong ’me oa chesa nyehelo ea secheso,+ patsi, majoe, lerole le metsi a neng a le ka forong.+ 39 Ha batho bohle ba bona se etsahalang, ka potlako ba khumama ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” 40 Elia a re ho bona: “Tšoarang baprofeta ba Baale! Ho se ke ha e-ba le ea mong ea phonyohang!” Ba ba tšoara ’me Elia a ba theolela nokaneng* ea Kishone+ eaba o ba bolaela teng.+

41 Elia a re ho Akabe: “Nyoloha u e’o ja ’me u noe hobane ho na le molumo oa pula e matla.”+ 42 Akabe a nyoloha ho ea ja le ho noa empa Elia eena a nyolohela ka holim’a thaba ea Karmele ’me a khumama a kentse hlooho pakeng tsa mangole.+ 43 Elia a re ho mohlanka oa hae: “Ke kopa u nyolohe ’me u shebe leoatleng.” A nyoloha ’me a sheba eaba o re: “Ho hang ha ho letho.” Elia a re a khutlele teng ka makhetlo a supileng. 44 Ka lekhetlo la bosupa mohlanka oa hae a re: “Ho na le leru le lenyenyane le kang letsoho la motho le nyolohang leoatleng.” Elia a re: “E-ea ho Akabe u re, ‘Lokisa kariki ea hao, u theohe e le hore pula e matla e se ke ea u thibella!’” 45 Hang-hang maru a koahela, ha fifala, ha foka moea eaba ho na pula e matla.+ Akabe a palama kariki ea hae a ea Jezriele.+ 46 Jehova a fa Elia matla eaba o tlama seaparo sa hae thekeng o matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela