-
1 Marena 18:26, 27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
26 Ba nka pohoana eo ba neng ba e filoe, ba e lokisa. Ba ’na ba bitsa lebitso la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare ba ntse ba re: “Baale re arabe!” Empa ho ne ho se na lentsoe kapa motho ea ba arabang.+ Ba ’na ba qhoma-qhoma ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse. 27 Motšehare Elia a ba soma a re: “Hoeletsang haholo kaha le re ke molimo!+ Mohlomong o ntse a ja masapo a hlooho kapa o ile ntloaneng.* Kapa o robetse o hloka ho tsosoa.”
-