Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona ’me ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16 Le tla nkela bara ba lona barali ba bang ba bona+ ’me ha barali ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele melimo ea bona.+

  • Numere 25:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ha Baiseraele ba ne ba lula Shitime,+ sechaba se ile sa etsa thobalano le basali ba Moabe.+ 2 Basali bana ba ile ba mema sechaba hore se tle mahlabelong a melimo ea bona+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+

  • Deuteronoma 7:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+ 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+

  • 1 Marena 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Morena Solomone o ne a rata basali ba balichaba+ e leng ba Bamoabe,+ ba Baamone,+ ba Baedomo, ba Basidone+ le ba Bahethe+ ho akarelletsa le morali oa Faro.+

  • 1 Marena 11:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ha Solomone a se a tsofetse,+ basali ba hae ba ile ba mo khelosa hore a sebeletse melimo e meng+ ’me o ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle joaloka ntate oa hae Davida.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela