Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 11:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Eaba sechaba sohle se ea Gilgale, se etsa Saule morena ka pel’a Jehova moo. Sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova+ ’me Saule le Baiseraele bohle ba keteka ba thabile haholo.+

  • 1 Samuele 13:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Eaba Samuele o re ho Saule: “Ntho eo u e entseng ke booatla. Ha oa mamela taelo eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+ Haeba u ne u mametse, Jehova a ka be a entse hore borena e be ba lesika la hao ka ho sa feleng Iseraele.

  • 1 Samuele 15:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Empa Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka khutla le uena hobane ha oa mamela Jehova. Jehova o u lahlile hore u se ke oa tsoela pele u le morena oa Iseraele.”+

  • 1 Samuele 28:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosali ea reng o buisana le balimo+ ’me ke tla e’o batla keletso ho eena.” Bahlanka ba hae ba re ho eena: “Ho na le mosali ea reng o buisana le balimo Ene-dore.”+

  • 1 Samuele 31:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla ’me ba ntlhaba eaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+

  • 2 Samuele 1:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Saule le Jonathane+ ba ne ba ratoa haholo ha ba ntse ba phela

      Le lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+

      Ba ne ba le lebelo ho feta lintsu,+

      Ba le matla ho feta litau.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela