Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 11:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ke tla theoha+ ebe ke bua le uena moo.+ Ke tla nka o mong oa moea oa ka o halalelang+ ho uena ke o behe ho bona ’me ba tla u thusa ho jara moroalo oa sechaba e le hore u se ke oa o jara u le mong.+

  • Baahloli 3:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a khetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora oa Kenaze, ngoan’abo Kalebe. 10 Jehova a mo fa moea oa hae o halalelang+ ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a ea ntoeng, Jehova a etsa hore a hlole Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia.*

  • 1 Samuele 10:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Moea oa Jehova o tla u fa matla+ ’me u tla profeta le bona. Ho tla ba joalokaha eka u fetohile motho e mong.+

  • 2 Samuele 23:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Moea oa Jehova o ile oa nthusa hore ke bue,+

      Lentsoe la hae le ne le le lelemeng la ka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela