Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 11:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova a araba Moshe a re: “Mpokellele banna ba 70 har’a baholo ba Iseraele, bao u tsebang hore ke baholo le balaoli ba sechaba.+ U ba ise tenteng ea pokano ’me ba eme moo le uena. 17 Ke tla theoha+ ebe ke bua le uena moo.+ Ke tla nka o mong oa moea oa ka o halalelang+ ho uena ke o behe ho bona ’me ba tla u thusa ho jara moroalo oa sechaba e le hore u se ke oa o jara u le mong.+

  • Baahloli 6:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Jehova a fa* Gideone moea o halalelang+ eaba Gideone o letsa lenaka+ ’me Baabi-ezere+ ba mo sala morao.

  • Baahloli 11:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Jehova a fa Jafeta moea oa hae o halalelang+ ’me Jafeta a feta naheng ea Gileade le ea Manase ho ea naheng ea Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone.

  • Baahloli 14:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Eaba Samsone o ea Timna le batsoali ba hae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, tau* ea tla e puruma ho eena. 6 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ A e arola likoto tse peli feela joalokaha motho a ka arola potsanyane likoto tse peli ka matsoho a hae. Empa ha aa ka a bolella batsoali ba hae seo a se entseng.

  • Baahloli 15:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hoeletsa ka thabo ha ba mo bona. Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Liropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba joaloka likhoele tsa line tse chesitsoeng eaba lia fasoloha.+

  • 1 Samuele 11:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Moea oa Molimo oa fa Saule matla+ ha a utloa litaba tsena eaba o halefa haholo.

  • 1 Samuele 16:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Samuele a nka lenaka le tšetseng oli+ ’me a mo tlotsa ka pel’a bo-abuti ba hae. Moea oa Jehova oa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+

  • 2 Likronike 15:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Moea oa Molimo oa e-ba holim’a Azaria mora oa Odede.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela