14 Empa joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Jehova o tla fumana monna ea mo khahlisang+ ’me Jehova o tla mo etsa moeta-pele oa batho ba hae+ hobane ha oa mamela taelo ea Jehova.”+
27 Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a tšoara lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho sa Samuele empa sa taboha. 28 Eaba Samuele o re ho eena: “Kajeno Jehova o u amohile ’muso oa Iseraele ’me o tla u fa motho e mong ea molemo ho u feta.+
13 Samuele a nka lenaka le tšetseng oli+ ’me a mo tlotsa ka pel’a bo-abuti ba hae. Moea oa Jehova oa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+
31 Hafeela mora oa Jese a ntse a phela lefatšeng, u ke ke oa ba morena ebile borena ba hao e ke ke ea e-ba ba nako e telele.+ Kahoo, roma motho hore a mo tlise ho ’na kaha o lokela ho shoa.”+