Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 2:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ linyehelong tse chesetsoang Jehova.

  • Levitike 6:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Arone le bara ba hae ba je e setseng+ joalokaha ba ja mahobe a se nang tomoso sebakeng se halalelang. Ba e jelle lebaleng la tente ea pokano.+

  • Levitike 10:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Lona le bara le barali ba lona+ le je sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang+ sebakeng se hloekileng hobane lintho tsena li fanoe e le kabelo ea lona le ea bara ba lona mahlabelong a kopanetsoeng a Baiseraele.

  • Numere 5:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Monehelo o mong le o mong o halalelang+ oo Baiseraele ba o fang moprista e be oa hae.+

  • Numere 18:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ho linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse chesoang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Linyehelo tsohle tseo ba li etsang, ho akarelletsa le linyehelo tsa bona tsa lijo*+ le linyehelo tsa bona tsa sebe+ le linyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla li tlisa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela