-
Numere 23:19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa?
Ha a buile, na a ke ke a phetha?+
-
-
1 Samuele 2:31-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Bona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla felisa matla* a hao le a ba ntlo ea ntate oa hao ’me ho ba ntlo ea hao ha ho na ea tla fihla lilemong tsa botsofali.+ 32 Har’a lintho tsohle tse molemo tseo Iseraele e li thabelang, u tla bona sera feela ntlong ea ka+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le monna-moholo ntlong ea hao. 33 Monna ea tsoang ho ba ntlo ea hao eo ke tla mo tlohela hore a ’ne a sebeletse aletareng ea ka, o tla etsa hore mahlo a hao a felloe ke matla ’me a etse hore u sareloe empa ba bangata ba ntlo ea hao ba tla bolaoa ka sabole.+ 34 Pontšo ea hore seo ke se buang se tla phethahala ke ena: Bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba tla shoa ka letsatsi le le leng.+
-
-
Esaia 55:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha