Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 2
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Thapelo ea Anna (1-11)

      • Bara ba babeli ba Eli ba etsa libe (12-26)

      • Jehova o ahlola lelapa la Eli (27-36)

1 Samuele 2:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Lenaka la ka le phahamisitsoe ke Jehova.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 13:6; Lu 1:46

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 57

    Molula-Qhooa,

    7/1/2010, leq. 17

1 Samuele 2:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 15:11; De 4:35; Ps 73:25; 86:8; 89:6
  • +De 32:4

1 Samuele 2:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Job 36:4; 37:16; Bar 11:33

1 Samuele 2:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 40:29

1 Samuele 2:5

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Nyopa.”

  • *

    Ka Seheberu: “o omeletse.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Lu 1:53
  • +1Sa 1:11, 20

1 Samuele 2:6

Linaletsana

  • *

    Kapa: “o boloka bophelo.”

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 32:39; Job 14:13; Ps 30:3; 49:15; 68:20; Hos 13:14; Joh 11:24; 1Ko 15:55

1 Samuele 2:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 8:18; 28:12; 2Kr 1:11, 12; Job 42:12; Pr 10:22
  • +Ps 75:7

1 Samuele 2:8

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “thotobolong.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 113:5, 7; Lu 1:52
  • +Ps 102:25

1 Samuele 2:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 91:11; 97:10; 121:3
  • +Ps 37:28
  • +Ps 33:16; Zak 4:6

1 Samuele 2:10

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Ba loantšang Jehova ba tla haroha matsoalo.”

  • *

    Kapa: “A phahamise lenaka la motlotsuoa oa hae.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 15:6
  • +1Sa 7:10; 2Sa 22:14; Ps 18:13
  • +Ps 96:13; Lik 17:31
  • +Ps 2:6; 110:1; Mat 28:18
  • +Lu 1:69; Lik 4:27

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 57

    Molula-Qhooa,

    7/1/2010, leq. 17

    3/15/2005, leq. 21

1 Samuele 2:11

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ea e-ba mosebeletsi oa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 1:11; 3:1, 15

1 Samuele 2:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:22

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 61

    Molula-Qhooa,

    10/1/2010, leq. 15

1 Samuele 2:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 7:34

1 Samuele 2:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 3:3-5

1 Samuele 2:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 3:16; 7:25, 31

1 Samuele 2:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:29

1 Samuele 2:18

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “a itlama ka.”

  • *

    Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:11; 3:15
  • +2Sa 6:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 61

    Molula-Qhooa,

    10/1/2010, leq. 15

1 Samuele 2:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 23:14; 1Sa 1:3, 21

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 57-58

    Molula-Qhooa,

    7/1/2010, leq. 18

1 Samuele 2:20

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “alimileng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 1:27, 28

1 Samuele 2:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 21:1, 2; 1Sa 1:19
  • +1Sa 2:26; 3:19

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 63

    Molula-Qhooa,

    10/1/2010, leq. 16

1 Samuele 2:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:12-17
  • +Ex 38:8; Le 21:6

1 Samuele 2:25

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Molimo o tla mo ahlolela.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 15:31; 1Sa 2:17; 3:13, 14
  • +Pr 29:1; 30:17

1 Samuele 2:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:21

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    12/15/2002, leq. 25

1 Samuele 2:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 4:14, 27

1 Samuele 2:28

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “ho etsa hore mosi oa sehlabelo o kubelle.”

  • *

    Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 28:1; Le 8:12; Nu 17:5, 8
  • +Nu 18:7
  • +Le 2:3; 6:16; 10:14; Nu 5:9; 18:9

1 Samuele 2:29

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “raha.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 25:8; Jos 18:1; 1Sa 1:3
  • +1Sa 2:14-16

1 Samuele 2:30

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ba tsamaea ka pel’a ka.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 28:43
  • +Ps 18:20; 91:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    2/15/2013, maq. 25-26

1 Samuele 2:31

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “letsoho.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 3:14; 4:11, 18; 22:18; 1Ma 2:27

1 Samuele 2:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 78:60, 61

1 Samuele 2:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 22:18, 21

1 Samuele 2:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 4:11, 17

1 Samuele 2:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 2:27, 35; 1Kr 29:22

1 Samuele 2:36

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 2:3; Nu 5:9

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 2:1Ps 13:6; Lu 1:46
1 Sam. 2:2Ex 15:11; De 4:35; Ps 73:25; 86:8; 89:6
1 Sam. 2:2De 32:4
1 Sam. 2:3Job 36:4; 37:16; Bar 11:33
1 Sam. 2:4Esa 40:29
1 Sam. 2:5Lu 1:53
1 Sam. 2:51Sa 1:11, 20
1 Sam. 2:6De 32:39; Job 14:13; Ps 30:3; 49:15; 68:20; Hos 13:14; Joh 11:24; 1Ko 15:55
1 Sam. 2:7De 8:18; 28:12; 2Kr 1:11, 12; Job 42:12; Pr 10:22
1 Sam. 2:7Ps 75:7
1 Sam. 2:8Ps 113:5, 7; Lu 1:52
1 Sam. 2:8Ps 102:25
1 Sam. 2:9Ps 91:11; 97:10; 121:3
1 Sam. 2:9Ps 37:28
1 Sam. 2:9Ps 33:16; Zak 4:6
1 Sam. 2:10Ex 15:6
1 Sam. 2:101Sa 7:10; 2Sa 22:14; Ps 18:13
1 Sam. 2:10Ps 96:13; Lik 17:31
1 Sam. 2:10Ps 2:6; 110:1; Mat 28:18
1 Sam. 2:10Lu 1:69; Lik 4:27
1 Sam. 2:111Sa 1:11; 3:1, 15
1 Sam. 2:121Sa 2:22
1 Sam. 2:13Le 7:34
1 Sam. 2:15Le 3:3-5
1 Sam. 2:16Le 3:16; 7:25, 31
1 Sam. 2:171Sa 2:29
1 Sam. 2:181Sa 2:11; 3:15
1 Sam. 2:182Sa 6:14
1 Sam. 2:19Ex 23:14; 1Sa 1:3, 21
1 Sam. 2:201Sa 1:27, 28
1 Sam. 2:21Ge 21:1, 2; 1Sa 1:19
1 Sam. 2:211Sa 2:26; 3:19
1 Sam. 2:221Sa 2:12-17
1 Sam. 2:22Ex 38:8; Le 21:6
1 Sam. 2:25Nu 15:31; 1Sa 2:17; 3:13, 14
1 Sam. 2:25Pr 29:1; 30:17
1 Sam. 2:261Sa 2:21
1 Sam. 2:27Ex 4:14, 27
1 Sam. 2:28Ex 28:1; Le 8:12; Nu 17:5, 8
1 Sam. 2:28Nu 18:7
1 Sam. 2:28Le 2:3; 6:16; 10:14; Nu 5:9; 18:9
1 Sam. 2:29Ex 25:8; Jos 18:1; 1Sa 1:3
1 Sam. 2:291Sa 2:14-16
1 Sam. 2:30Ex 28:43
1 Sam. 2:30Ps 18:20; 91:14
1 Sam. 2:311Sa 3:14; 4:11, 18; 22:18; 1Ma 2:27
1 Sam. 2:32Ps 78:60, 61
1 Sam. 2:331Sa 22:18, 21
1 Sam. 2:341Sa 4:11, 17
1 Sam. 2:351Ma 2:27, 35; 1Kr 29:22
1 Sam. 2:36Le 2:3; Nu 5:9
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 2:1-36

Buka ea Pele ea Samuele

2 Anna a rapela a re:

“Pelo ea ka e thabile ka lebaka la Jehova,+

Jehova u mphile matla.*

Ke araba lira tsa ka ka sebete,

Ke thabela tsela eo u pholosang ka eona.

 2 Ha ho na motho ea halalelang joaloka Jehova,

Ha ho e mong ntle ho uena,+

Ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.+

 3 Le se ke la hlola le bua ka boikhohomoso.

Mantsoe a boikhohomoso a se ke a tsoa melomong ea lona

Kaha Jehova ke Molimo ea tsebang lintho tsohle,+

U hlahloba liketso ka tsela e nepahetseng.

 4 Liqha tsa banna ba matla li robehile

Empa ba khoptjoang ba fuoa matla.+

 5 Ba khorang ba tla lokela ho iketsa bahiruoa e le hore ba fumane bohobe,

Ba neng ba lapile ha ba sa lapile.+

Mosali ea sa khoneng ho ba le bana* o tsoetse bara ba supileng+

Empa ea neng a e-na le bara ba bangata o setse a le mong.*

 6 Jehova oa bolaea ebile oa phelisa.*

O theolela Lebitleng* ebile o nyolla batho teng.+

 7 Jehova a ka baka bofutsana ebile a ka ruisa.+

O kokobetsa batho ebile oa ba phahamisa.+

 8 O phahamisa ea tlase leroleng.

O phahamisa mofutsana moloreng*+

Hore a lule le bahlomphehi,

O ba beha setulong se hlomphehang.

Litšehetso tsa lefatše ke tsa Jehova,+

O beha naha holim’a tsona.

 9 O lebela mehato ea ba mo tšepahallang.+

Ba khopo ba tla khutsisoa lefifing+

Hobane motho ha a hlole ka matla a hae.+

10 Jehova o tla silakanya ba mo loantšang.*+

O tla thoathoaretsa ho bona joaloka sealuma se tsoang maholimong.+

Jehova o tla ahlola lefatše lohle.+

O tla fa morena oa hae matla,+

A fe motlotsuoa oa hae matla.”*+

11 Eaba Elkana o ea Rama ntlong ea hae empa mora oa hae a sala a sebeletsa* Jehova+ a tataisoa ke moprista Eli.

12 Bara ba Eli ba ne ba le khopo,+ ba sa hlomphe Jehova. 13 Ho e-na le hore ba nke karolo ea bona sehlabelong se tlisitsoeng ke batho,+ ba ne ba etsa tjena: Neng kapa neng ha motho leha e le ofe a nyehela sehlabelo, mohlanka oa moprista o ne a tla a nkile fereko e meno a mararo ha nama e ntse e phehiloe 14 ebe o hlaba ka eona ka sekotlolong kapa ka pitseng e mehele e ’meli kapa ka k’hasteroleng kapa ka pitseng e mohele o mong. Ntho leha e le efe eo fereko e neng e e ntša, moprista o ne a inkela eona. Ba ne ba etsa joalo ho Baiseraele bohle ba neng ba tla Shilo. 15 Hape, le pele motho ea etsang sehlabelo a ka chesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka oa moprista o ne a tla ho eena ’me a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehiloeng ho uena, o tla nka e tala feela.” 16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba chese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mor’a moo u inkela eng kapa eng eo u e batlang,” mohlanka oa moprista o ne a re: “Che, mphe eona hona joale, ho seng joalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Kahoo, sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ea Jehova.

18 Joale Samuele o ne a sebeletsa+ ka pel’a Jehova le hoja e ne e le moshanyana. O ne a apara* efoda* ea line.+ 19 Hape ’mè oa hae o ne a mo rokela seaparo se senyenyane se se nang matsoho ’me a mo tlisetsa sona selemo le selemo ha a ne a tla Shilo le monna oa hae ho tla etsa sehlabelo sa selemo le selemo.+ 20 Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosali oa hae a re: “E se eka Jehova a ka u fa ngoana ka mosali enoa sebakeng sa mora eo le mo fileng* Jehova.”+ Eaba ba khutlela hae. 21 Jehova a thusa Anna ’me Anna a ima,+ a tsoala bara ba bang ba bararo le barali ba babeli. Samuele a ’na a holela ka pel’a Jehova.+

22 Eli o ne a tsofetse haholo empa o ne a utloile ka lintho tsohle tseo bara ba hae ba neng ba li etsa+ ho Baiseraele bohle le kamoo ba neng ba robala le basali ba sebeletsang monyako oa tente ea pokano.+ 23 O ne a hlola a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ntse le etsa lintho tse tjee? Lintho tseo ke utloang batho bohle ba li bua ka lona li mpe. 24 Tlohelang ho etsa lintho tseo bara ba ka hobane litaba tseo ke utloang batho ba Jehova ba li bua ka lona ha li khahlise. 25 Haeba motho a siteloa e mong, motho e mong a ka mo kopela ho Jehova hore a mo hauhele.* Empa ha motho a siteloa Jehova,+ ke mang ea ka mo rapellang?” Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho mamela ntate oa bona hobane Jehova o ne a ikemiselitse ho ba bolaea.+ 26 Ka nako eo, Samuele a ’na a hola ’me Jehova le batho ba ’na ba mo rata le ho feta.+

27 Monna ea rometsoeng ke Molimo a tla ho Eli ’me a re ho eena: “Jehova o itse: ‘Na ha kea iponahatsa ho ntate oa hao le ho ba ntlo ea hae ha ba ne ba le Egepeta e le makhoba ntlong ea Faro?+ 28 Ke eena ea khethiloeng har’a maloko ’ohle a Iseraele+ hore a sebeletse e le moprista oa ka le hore a hloelle aletareng+ ea ka ho etsa mahlabelo, ho chesa libano* le hore a apare efoda ha a ntse a ntšebeletsa. Ke ile ka fa lelapa la moholo-holo oa hao linyehelo tsohle tsa Baiseraele* tse chesoang ka mollo.+ 29 Ke hobane’ng ha le nyatsa* sehlabelo sa ka le nyehelo ea ka eo ke laetseng hore e etsoe ntlong ea ka?+ Ke hobane’ng ha le hlompha bara ba lona ho mpheta ka ho ja likarolo tse ntlehali tsa nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba sa ka sa Iseraele?+

30 Ke ka lebaka leo lentsoe la Jehova Molimo oa Iseraele le reng: “Ke ’nete hore ke itse ba lelapa la hao le ba lelapa la moholo-holo oa hao ba tla lula ba ntšebeletsa.”*+ Empa hona joale Jehova o re: “Ha ho kamoo nka lumellang ntho e joalo hore e etsahale hobane ba ntlhomphang ke tla ba hlompha+ empa ba ’nyatsang ba tla nyatsuoa.” 31 Bona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla felisa matla* a hao le a ba ntlo ea ntate oa hao ’me ho ba ntlo ea hao ha ho na ea tla fihla lilemong tsa botsofali.+ 32 Har’a lintho tsohle tse molemo tseo Iseraele e li thabelang, u tla bona sera feela ntlong ea ka+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le monna-moholo ntlong ea hao. 33 Monna ea tsoang ho ba ntlo ea hao eo ke tla mo tlohela hore a ’ne a sebeletse aletareng ea ka, o tla etsa hore mahlo a hao a felloe ke matla ’me a etse hore u sareloe empa ba bangata ba ntlo ea hao ba tla bolaoa ka sabole.+ 34 Pontšo ea hore seo ke se buang se tla phethahala ke ena: Bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba tla shoa ka letsatsi le le leng.+ 35 Ka mor’a moo, ke tla ikhethela moprista ea tšepahalang.+ O tla etsa lintho tseo pelo ea ka e li thabelang. Ke tla etsa hore litloholo tsa hae li sebeletse e le baprista ho ea ho ile ’me o tla sebeletsa e le moprista oa motlotsuoa oa ka kamehla. 36 Mang kapa mang ea tla sala ka tlung ea hao o tla mo khumamela, a mo kope mosebetsi hore a be le chelete e nyenyane le lofo ea bohobe ’me o tla re: “Ke kopa u nkhethe hore ke be moprista e le hore nka ja sengoathoana sa bohobe.”’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2024)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela