Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 28:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Bafilista ba bokana ’me ba ea Shuneme,+ ba hloma litente tsa bona moo. Saule a bokella masole ’ohle a hae ’me a hloma litente tsa ’ona Gilboa.+

  • 2 Samuele 1:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Lona lithaba tsa Gilboa,+

      Ho se ke ha e-ba le phoka kapa pula holim’a lona,

      Ho se ke ha e-ba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+

      Hobane thebe ea ba matla e ile ea silafatsoa moo,

      Thebe ea Saule ha e sa tlotsitsoe ka oli.

  • 1 Likronike 10:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Bafilista ba ne ba loantša Baiseraele. Eaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista ’me ba bangata ba bona ba shoella Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba lelekisa Saule le bara ba hae ’me Bafilista ba bolaea Jonathane, Abinadabe le Malki-shua+ e leng bara ba Saule. 3 Ntoa ea ’na ea e-ba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana ’me ba mo lematsa.+ 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang ba se ke ba tla ’me ba nketsa hampe.”*+ Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele, le eena a itihela holim’a sabole ea hae ’me a shoa le Saule.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela