-
1 Samuele 31:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Bafilista ba ne ba loantša Baiseraele.+ Eaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista ’me ba bangata ba bona ba shoella Thabeng ea Gilboa.+ 2 Bafilista ba ’na ba lelekisa Saule le bara ba hae ’me Bafilista ba bolaea Jonathane,+ Abinadabe le Malki-shua e leng bara ba Saule.+ 3 Ntoa ea ’na ea e-ba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana ’me ba mo lematsa haholo.+ 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla ’me ba ntlhaba eaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+ 5 Ha mojari oa lihlomo tsa hae a bona hore Saule o shoele+ le eena a itihela holim’a sabole ea hae ’me a shoa le Saule.
-