-
1 Marena 8:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ntate oa ka Davida o ne a batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele le rorisoe.+ 18 Empa Jehova a re ho eena, ‘Ke hantle hore ebe u batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la ka le rorisoe. 19 Leha ho le joalo, u ke ke oa haha ntlo eo empa mora eo u tla ba le eena* ke eena ea tla e haha.’+
-
-
1 Likronike 17:4-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 “E-ea ho mohlanka oa ka Davida ’me u re, ‘Jehova o re: “Ha se uena ea tla nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona.+ 5 Ha ke e-s’o lule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntšitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena empa ke ne ke ntse ke tloha tenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe le tabernakeleng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.*+ 6 Nakong eohle eo ke neng ke tsamaea le sechaba sohle sa Iseraele, na nkile ka bua ntho leha e le efe ho moahloli leha e le ofe oa Iseraele eo ke mo khethileng hore a lise sechaba sa ka, ka re, ‘Ke hobane’ng ha u sa nkahela ntlo e entsoeng ka likedare?’”’
-
-
1 Likronike 22:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Davida a re ho mora oa hae Solomone: “Ke ne ke lakalitse ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka.+ 8 Empa Jehova o ile a re ho ’na, ‘U bolaile batho ba bangata haholo ebile u loanne lintoa tse ngata. U ke ke oa haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ hobane u bolaile batho ba bangata lefatšeng.
-