Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 31:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Eaba Saule o re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Ntša sabole ea hao ’me u ntlhabe ka eona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla ’me ba ntlhaba eaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari oa lihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tšohile haholo. Kahoo, Saule a nka sabole ’me a itihela holim’a eona.+

  • 1 Marena 16:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha Zimri a bona hore motse o hapiloe, a kena ka toreng e sireletsehileng ea ntlo* ea morena ’me a icheselletsa ka tlung eaba oa shoa.+

  • Pesaleme 5:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Empa Molimo o tla re ba molato.

      Ba tla tšoasoa ke maraba a bona.+

      E se eka ba ka lelekoa ka lebaka la melato ea bona e mengata

      Hobane ba u fetohetse.

  • Pesaleme 55:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Empa uena, Molimo, u tla ba lihela sekoting se tebileng haholo.+

      Batho bao ba molato oa mali le ba leshano ba tla shoa ba ntse ba le bacha.+

      Empa ha e le ’na, ke tla u tšepa.

  • Matheu 27:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Joale ha Judase ea mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotsoe, a itšoabela eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+

  • Matheu 27:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Eaba o akhela likotoana tsa silevera ka tempeleng, a tsamaea ’me a iphanyeha.+

  • Liketso 1:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 (Monna enoa o ile a reka tšimo ka moputso oa bokhopo.+ O ile a tabana fatše ka hlooho, mpa ea hae ea phatloha eaba mala a hae kaofela aa qhalana.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela