Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Kaha lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rona,+

      Esita le lira tsa rona li utloisisa sena.+

  • Pesaleme 18:31-42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Molimo ke mang ntle ho Jehova?+

      Lefika ke mang ntle ho Molimo oa rona?+

      32 Molimo oa ’nete ke eena ea mphang matla,+

      O tla otlolla tsela ea ka.+

      33 O etsa hore maoto a ka a be joaloka a khama.

      O nkemisa libakeng tse phahameng.+

      34 O koetlisa matsoho a ka bakeng sa ntoa.

      Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.

      35 U mpha thebe ea hao ea poloko,+

      Letsoho la hao le letona lea ntšehetsa,*

      Boikokobetso ba hao boa mphahamisa.+

      36 U etsetsa mehato ea ka tsela e bulehileng.

      Maoto* a ka a ke ke a thella.+

      37 Ke tla lelekisa lira tsa ka ’me ke li tšoare.

      Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.

      38 Ke tla li silakanya e le hore li se ke tsa khona ho tsoha.+

      Li tla oela tlas’a maoto a ka.

      39 U tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntoa.

      U tla etsa hore lira tsa ka li oele ka tlas’a ka.+

      40 U tla etsa hore lira tsa ka li mpalehe,

      Ke tla felisa* ba ntlhoileng.+

      41 Baa lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ea ba pholosang.

      Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.

      42 Ke tla ba tula hore ba silehe joaloka lerole le fefoloang ke moea.

      Ke tla ba lahlela ka ntle joaloka seretse literateng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela