Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Kaha lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rona,+

      Esita le lira tsa rona li utloisisa sena.+

  • 1 Samuele 2:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Ha ho na motho ea halalelang joaloka Jehova,

      Ha ho e mong ntle ho uena,+

      Ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.+

  • 2 Samuele 22:32-43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Molimo ke mang ntle ho Jehova?+

      Lefika ke mang ntle ho Molimo oa rona?+

      33 Molimo oa ’nete ke sebaka sa ka se sireletsehileng haholo,+

      O tla otlolla tsela ea ka.+

      34 O etsa hore maoto a ka a be joaloka a khama,

      O nkemisa libakeng tse phahameng.+

      35 O koetlisa matsoho a ka bakeng sa ntoa,

      Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.

      36 U mpha thebe ea hao ea poloko,

      Boikokobetso ba hao boa mphahamisa.+

      37 U etsetsa mehato ea ka tsela e bulehileng,

      Maoto* a ka a ke ke a thella.+

      38 Ke tla lelekisa lira tsa ka ’me ke li felise,

      Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.

      39 Ke tla li silakanya ’me ke li felise e le hore li se ke tsa tsoha.+

      Li tla oela tlas’a maoto a ka.

      40 U tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntoa,+

      U tla etsa hore lira tsa ka li oele ka tlas’a ka.+

      41 U tla etsa hore lira tsa ka li mpalehe,+

      Ke tla felisa* ba ntlhoileng.+

      42 Baa lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ea ba pholosang,

      Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.+

      43 Ke tla ba sila hore ba be joaloka lerole la lefatše,

      Ke tla ba silakanya ke ba hatakele joaloka seretse seterateng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela