14 Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hoeletsa ka thabo ha ba mo bona. Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ Liropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba joaloka likhoele tsa line tse chesitsoeng eaba lia fasoloha.+
6 Kahoo, Jonathane a re ho mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo re tšelele litenteng tsa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re thusa hobane ha ho na letho le ka sitisang Jehova ho re pholosa ebang re bangata kapa re ’maloa.”+
5 O ile a beha bophelo ba hae kotsing hore a bolaee Mofilista*+ ’me Jehova a pholosa* Baiseraele bohle. U ile oa bona ha seo se etsahala ’me oa thaba haholo. Joale ke hobane’ng ha u batla ho bolaea Davida ntle ho lebaka ebe u etsa sebe ka ho bolaea motho ea se nang molato?”+