Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 13:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Empa joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Jehova o tla fumana monna ea mo khahlisang+ ’me Jehova o tla mo etsa moeta-pele oa batho ba hae+ hobane ha oa mamela taelo ea Jehova.”+

  • 1 Samuele 15:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ha Samuele a furalla a tsamaea, Saule a tšoara lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho sa Samuele empa sa taboha. 28 Eaba Samuele o re ho eena: “Kajeno Jehova o u amohile ’muso oa Iseraele ’me o tla u fa motho e mong ea molemo ho u feta.+

  • 1 Samuele 16:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova a qetella a itse ho Samuele: “U tla ’ne u utloe bohloko ka lebaka la Saule+ ho fihlela neng ha e le moo ke mo lahlile hore e se ke ea hlola e e-ba morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ oa Mobethlehema hobane ke ikhethetse morena ho bara ba hae.”+

  • 1 Samuele 16:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Samuele a nka lenaka le tšetseng oli+ ’me a mo tlotsa ka pel’a bo-abuti ba hae. Moea oa Jehova oa qala ho fa Davida matla ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+

  • Pesaleme 89:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 “Ke entse selekane le mokhethoa oa ka.+

      Ke ikanne ho Davida mohlanka oa ka ka re:+

  • Pesaleme 89:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ke fumane mohlanka oa ka Davida.+

      Ke mo tlotsitse ka oli ea ka e halalelang.+

  • Pesaleme 132:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ke tla etsa hore matla* a Davida a eketsehe moo.

      Ke lokiselitse motlotsuoa oa ka lebone.+

  • Liketso 13:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ka mor’a ho mo tlosa, a khetha Davida hore e be morena oa bona.+ Molimo o ile a re ka eena: ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea nkhahlisang.+ O tla etsa lintho tsohle tseo ke li ratang.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela