Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 13 Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.+

  • 1 Likronike 22:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 U tla ba le mora+ eo e tla ba motho oa khotso.* Ke tla mo phomotsa ho lira tsohle tsa hae tse mo potolohileng.+ Lebitso la hae e tla ba Solomone*+ ’me ke tla etsa hore Iseraele ho be le khotso le khutso nakong ea puso ea hae.+ 10 Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka.+ E tla ba mora oa ka ’me ’na ke be ntate oa hae.+ Ke tla tiisa borena ba hae Iseraele ka ho sa feleng.’+

  • 2 Likronike 2:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka hore ke nehelane ka eona ho eena. Ke moo ho tla chesetsoa libano tse nkhang hamonate+ ka pel’a hae le moo ho tla behoa bohobe+ le moo ho tla etsetsoa linyehelo tsa secheso teng hoseng le mantsiboea,+ ka lisabatha,+ ha khoeli e qala+ le ka linako tsa mokete+ tsa Jehova Molimo oa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho lula ba e etsa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela