Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • 1 Marena 8:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae hobane ke ’na morena ea hlahlamang ntate oa ka Davida ’me ke lutse teroneng ea Iseraele feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Hape ke hahile ntlo e tla etsa hore lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele le rorisoe.+

  • 1 Likronike 17:11-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha u shoa ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore baneng* ba hao, e mong oa bara ba hao+ e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 12 Ke eena ea tla nkahela ntlo+ ’me ke tla tiisa terone ea hae ka ho sa feleng.+ 13 Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Nke ke ka khaotsa ho mo rata*+ joalokaha ke ile ka tlohela ho rata ea tlileng pele ho uena.+ 14 Ke tla mo etsa morena oa ka ka tlung ea ka ka ho sa feleng+ ’me terone ea hae e tla lula e le teng ka ho sa feleng.”’”+

  • Pesaleme 132:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o hlapanyelitse Davida.

      A ke ke a koenehela seo a se buileng, ha a ne a re:

      “Ke tla beha e mong oa litloholo tsa hao

      Teroneng ea hao.+

  • Esaia 9:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola

      Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.

      E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona joale ho ea ho ile.

      Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.

  • Esaia 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese,+

      Lehlomela+ le tsoang metsong ea hae le tla beha litholoana.

  • Matheu 21:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Hape batho ba mo eteletseng pele le ba mo setseng morao ba ’na ba hoeletsa ba re: “Re rapella hore u pholose Mora oa Davida!+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!”+

  • Matheu 22:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” Ba re ho eena: “Oa Davida.”+

  • Luka 1:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

  • Johanne 7:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 Na lengolo ha le re Kreste o tsoa baneng ba Davida+ le hore o tsoa Bethlehema+ e leng motsana oo Davida a tsoang ho oona?”+

  • Liketso 2:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Davida e ne e le moprofeta ’me a tseba hore Molimo o ne a mo hlapanyelitse hore o tla beha e mong oa litloholo tsa hae* teroneng ea hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela