Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 18:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Joale le ke ke la tlameha ho lelekoa naheng ka lebaka la ho e silafatsa, ka mokhoa o tšoanang le oo lichaba tse bileng teng pele ho lona li tla lelekoa ka oona.

  • Deuteronoma 4:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lona hore ka sebele le tla felisoa ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka hore e be ea lona. Le ke ke la lula nako e telele ho eona empa le tla felisoa ka ho felletseng.+

  • 2 Samuele 7:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa ke tla mo khalemela ka thupa* ’me ke mo shape feela joalokaha batho ba etsa.+

  • 2 Marena 17:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Baiseraele ba ’na ba etsa libe tsohle tseo Jeroboame a neng a li etsa.+ Ha ba aa ka ba li tlohela 23 ho fihlela Jehova a ba lelekile joalokaha a ne a boletse a sebelisa bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta.+ Baiseraele ba isoa botlamuoeng naheng ea Asiria+ ’me ba ntse ba le moo ho fihlela letsatsing lena.

  • Pesaleme 89:30-32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Haeba bara ba hae ba sa mamele molao oa ka

      Ebile ba sa latele litaelo* tsa ka,

      31 Ha ba sa mamele melao ea ka

      Ba bile ba sa boloke litaelo tsa ka,

      32 Ke tla ba shapa ka thupa hobane ba sa mamele,*+

      Ke ba shape ka phafa ka lebaka la liphoso tsa bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela