Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 3:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 ke tla u fa seo u se kopileng.+ Ke tla u fa bohlale le kutloisiso+ tseo ho seng motho ea kileng a ba le tsona kapa ea tla ke a be le tsona.+ 13 Ke tla u fa le lintho tseo u sa li kopang+ e leng maruo le khanya+ e le hore ho se ke ha e-ba le morena le ea mong ea tšoanang le uena mehleng ea hao.*+

  • 1 Marena 4:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Molimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutloisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la leoatle.+

  • 2 Likronike 9:22-24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ’ohle a neng a le teng lefatšeng.+ 23 Marena ’ohle a lefatše a ne a batla ho utloa bohlale boo Molimo oa ’nete a neng a bo file Solomone.+ 24 Selemo le selemo, e mong le e mong o ne a tlisa lintho tsa silevera le tsa khauta, liaparo,+ lihlomo, oli ea balsame, lipere le limmoulo.

  • Moeklesia 5:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Hape ha Molimo oa ’nete a fa motho maruo le matlotlo+ hammoho le bokhoni ba hore a a thabele, o lokela ho nka moputso* oa hae ’me a thabele mosebetsi oa hae o boima. Ena ke mpho ea Molimo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela