Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Le tla nkela bara ba lona barali ba bang ba bona+ ’me ha barali ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele melimo ea bona.+

  • Deuteronoma 7:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+

  • Joshua 23:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.

  • 2 Bakorinthe 6:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Le se ke la kena jokong* le batho bao e seng balumeli.+ Ho loka le tlolo ea molao li kopana hokae?+ Hona leseli le lefifi li kopana hokae?+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela