Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 8:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova Molimo oa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ea melapo ea metsi* le liliba* tse phallang thoteng le lithabeng, 8 naha ea koro le harese, ea lirapa tsa morara, lifate tsa feie* le likharenate,+ naha ea oli ea mohloaare le mahe a linotši,+ 9 naha eo lijo li ke keng tsa haella le moo le ke keng la haelloa ke letho, naha eo majoe a eona e leng a tšepe le eo lithabeng tsa eona le tla rafa koporo.

  • Deuteronoma 29:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Kahoo, Jehova a ba tlosa naheng ea bona ka bohale+ ’me a ba isa naheng e ’ngoe, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno.’+

  • Joshua 23:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa feela joalokaha litšepiso tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona li phethahetse,+ Jehova o tla le tlisetsa tlokotsi eohle eo a e tšepisitseng* ’me a le felise naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.+

  • 2 Marena 17:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ha Hoshea a e-na le lilemo tse robong a busa, morena oa Asiria a hapa Samaria.+ A isa Baiseraele botlamuoeng+ Asiria ’me a re ba lule Hala, Habore nokeng ea Gozane+ le metseng ea Bamede.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela