4 Ha Jezebele+ a bolaea* baprofeta ba Jehova, Obadia o ile a nka baprofeta ba 100 a ba pata, ba 50 ka lehaheng le leng le ba bang ba 50 ka ho le leng ’me o ne a ba fa bohobe le metsi.)
19 Mpitsetse Baiseraele bohle Thabeng ea Karmele,+ baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang*+ ba 400, ba jellang tafoleng ea Jezebele.”
7 Mosali oa hae Jezebele a re ho eena: “Na ha se uena ea busang Iseraele? Tsoha u je ’me u thabe. Ke tla u fa serapa sa morara sa Nabothe oa Mojezriele.”+
30 Ha Jehu a fihla Jezriele,+ Jezebele+ a utloa hore o teng. A tlotsa mahlo a hae ka setlolo se setšo, a lokisa moriri oa hae eaba o hlaha ka fensetere.
20 Leha ho le joalo, ha ke thabisoe ke hore ebe u tloheletse mosali eane ea kang Jezebele+ ea ipitsang moprofeta. O khelosa bahlanka ba ka ka ho ba ruta ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano*+ le ho ja lijo tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang.