Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Baiseraele ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ’me ba sebeletsa* melimo ea Baale.+

  • Baahloli 10:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Baiseraele ba boela ba siteloa Jehova+ ’me ba qala ho rapela melimo ea Baale,+ litšoantšo tsa Ashtorethe, melimo ea Arame,* melimo ea Sidone, melimo ea Moabe,+ melimo ea Baamone+ le melimo ea Bafilista. Ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova.+

  • 2 Marena 10:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Mpitsetseng baprofeta bohle ba Baale,+ barapeli ba hae le baprista ba hae.+ Le etse hore ba be teng kaofela hobane ke tl’o etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Motho ea sa tleng o tla bolaoa.” Empa Jehu o ne a ba thetsa hobane o ne a batla ho felisa barapeli ba Baale.

  • 2 Marena 17:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ha ba aa ka ba mamela melao eohle ea Jehova Molimo oa bona eaba ba iketsetsa manamane a mabeli+ a tšepe* le palo e halalelang.*+ Ba khumamela makhotla ’ohle a leholimo+ ’me ba sebeletsa le Baale.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela