Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 16:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Akabe mora oa Omri a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ’ohle a busitseng pele ho eena.+ 31 O ne a etsa libe tseo Jeroboame+ mora oa Nebate a li entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ ’me a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela.

  • 1 Marena 22:51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 51 Ha Morena Josafate a e-na le lilemo tse 17 a busa Juda, Akazia+ mora oa Akabe ea e-ba morena oa Iseraele e Samaria ’me a busa Iseraele ka lilemo tse peli.

  • 1 Marena 22:53
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 53 A sebeletsa Baale+ le ho mo rapela ’me a ’na a fosetsa Jehova Molimo oa Iseraele+ feela joaloka ntate oa hae.

  • 2 Marena 10:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ka mor’a moo, Jehu a romela molaetsa oo Iseraele eohle ’me barapeli bohle ba Baale ba tla. Ba kena ka tempeleng* ea Baale+ ’me ba tlala ka ho eona.

  • 2 Marena 23:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Morena a re moprista ea phahameng Hilkia,+ baprista ba bang le balebeli ba menyako ba ntše lisebelisoa tsohle tsa Baale, palo e halalelang*+ le makhotla a leholimo ka tempeleng ea Jehova. A li chesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a khohlong ea Kidrone ’me a isa molora oa tsona Bethele.+ 5 A leleka baprista ba melimo ea bohata bao marena a Juda a neng a ba khethile hore ba etse mahlabelo a kubellang mosi libakeng tse phahameng tse metseng ea Juda le e potolohileng Jerusalema. A leleka le ba neng ba etsetsa Baale, letsatsi, khoeli, lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a leholimo+ mahlabelo a kubellang mosi.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela