-
2 Marena 9:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Moprofeta Elisha a bitsa e mong oa bara ba baprofeta a re ho eena: “Tlama liaparo tsa hao thekeng ’me ka potlako u nke botlolo ena ea oli u ee Ramothe-gileade.+ 2 Ha u fihla moo, u batle Jehu+ mora oa Josafate e leng mora oa Nimshi. U mo tlose ho bana babo u ee le eena kamoreng e ka hare-hare. 3 U mo tšele hloohong ka oli e ka har’a botlolo ’me u mo bolelle hore Jehova o re ho eena: ‘Ke u khethile hore u be morena oa Iseraele.’+ Ka mor’a moo, u bule monyako ’me u balehe.”
-
-
2 Marena 9:30-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ha Jehu a fihla Jezriele,+ Jezebele+ a utloa hore o teng. A tlotsa mahlo a hae ka setlolo se setšo, a lokisa moriri oa hae eaba o hlaha ka fensetere. 31 Ha Jehu a kena ka keiti ea motse, Jezebele a re: “Oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka Zimri ea ileng a bolaea morena oa hae?”+ 32 Jehu a sheba holimo fensetereng eaba o re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la ka? Ke mang?”+ Hang-hang balaoli ba babeli kapa ba bararo ba lekhotla ba mo sheba a le tlase. 33 Jehu a re ho bona: “Lahlelang Jezebele fatše!” Ba mo lahlela fatše ’me mali a mang a hae a qaphaletsa lebota le lipere eaba li mo hata holimo.
-