-
Exoda 14:21, 22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Moshe a otlollela letsoho holim’a leoatle.+ Jehova a chechisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle, ho etsa hore boliba ba leoatle e be mobu o ommeng+ ’me metsi a arohana.+ 22 Baiseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho ommeng.+ Metsi a ne a entse lebota ka letsohong la bona le letona le le letšehali.+
-
-
2 Marena 2:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Ka mor’a moo, a nka seaparo se khethehileng+ sa Elia se ileng sa oa eaba oa khutla o ema lebopong la Jordane. 14 A nka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a otla metsi ka sona eaba o re: “O kae Jehova, Molimo oa Elia?” Ha Elisha a otla metsi, a arohana a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba oa tšela.+
-