Buka ea Bobeli ea Marena
2 Ha Jehova a le haufi le ho nkela Elia+ maholimong* ka sefefo,+ Elia le Elisha+ ba tloha Gilgale.+ 2 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Bethele.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba ea Bethele.+ 3 Bara ba baprofeta* ba Bethele ba tla ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na oa tseba hore kajeno Jehova o tl’o nka mong’a hao?”+ Elisha a re: “Kea tseba, tholang.”
4 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Jeriko.”+ Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba ea Jeriko. 5 Bara ba baprofeta ba Jeriko ba ea ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na oa tseba hore kajeno Jehova o tl’o nka mong’a hao?” Elisha a re: “Kea tseba, tholang.”
6 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa u sale mona hobane Jehova o itse ke ee Jordane.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka uena le ka Jehova Molimo ea phelang hore nke ke ka u tlohela.” Ba tsamaea ba le babeli. 7 Ha Elia le Elisha ba le Jordane, bara ba 50 ba baprofeta ba ba sala morao ’me ba ema moo ba khonang ho ba bona. 8 Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng+ a se sotha ’me a otla metsi ka sona. Metsi a arohana, a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba ba tšela moo ho ommeng.+
9 Ha ba qeta ho tšela, Elia a re ho Elisha: “U batla ke u etsetse’ng pele ke tlosoa ho uena?” Elisha a re: “Ke kopa u mphe likarolo tse peli+ tsa moea o halalelang oo Molimo a u fileng oona.”+ 10 Elia a re: “U kopile ntho e thata. Haeba u tla mpona ha ke tlosoa ho uena, u tla o fuoa empa haeba u sa mpone, u ke ke oa o fuoa.”
11 Ha ba ntse ba le tseleng ba bua, kariki ea ntoa e tukang mollo le lipere tse tukang mollo+ tsa ba arola ’me Elia a nyolleloa maholimong* ka sefefo.+ 12 Elisha o ne a shebeletse ’me a hoeletsa a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ea ntoa le bapalami ba lipere ba Iseraele!”+ Ha Elisha a se a sa bone Elia, a tabola liaparo tsa hae likotoana tse peli.+ 13 Ka mor’a moo, a nka seaparo se khethehileng+ sa Elia se ileng sa oa eaba oa khutla o ema lebopong la Jordane. 14 A nka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a otla metsi ka sona eaba o re: “O kae Jehova, Molimo oa Elia?” Ha Elisha a otla metsi, a arohana a ea ka lehlakoreng le letona le le letšehali eaba oa tšela.+
15 Ha bara ba baprofeta ba Jeriko ba mo bona a tla le mane ba re: “Moea o halalelang oa Molimo o neng o le ho Elia o lutse ho Elisha.”+ Ba ea ho eena ’me ba khumama* ka pel’a hae. 16 Ba re ho eena: “Banna ba 50 ba nang le bokhoni ke bana. E-re ba tsamaee ba e’o sheba mong’a hao. Mohlomong moea o halalelang oa Jehova o mo nkile oa mo lahlela thabeng kapa khohlong.”+ Empa Elisha a re: “Le se ke la ba romela.” 17 Ba mo phehella ho fihlela a soaba a re: “Ba romeleng.” Ba romela banna bao ba 50 ’me ba batlana le Elia ka matsatsi a mararo empa ba se ke ba mo fumana. 18 Ba khutlela Jeriko moo Elisha a neng a lula teng.+ A re ho bona: “Ke le boleletse hore le se ke la ea.”
19 Banna ba motse ba re ho Elisha: “Mong’a rona oa bona hore motse o sebakeng se setle+ empa metsi a litšila ebile naha ha e hlahise lijo.”* 20 Elisha a re: “Ntlisetseng sejana se senyenyane se secha ’me le tšele letsoai ka ho sona.” Ba se tlisa. 21 A ea mohloling oa metsi ao ’me a tšela letsoai ka ho ’ona+ a re: “Jehova o re o hloekisitse metsi ana. Ha a sa tla hlola a baka lefu ’me le naha e tla ba le lijo.”* 22 Metsi ao a ntse a hloekile ho fihlela letsatsing lena ho ea ka seo Elisha a se buileng.
23 Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a tsamaea, bashanyana ba tsoang motseng ba ’na ba mo soma+ ba re: “Tsamaea uena ralefatla! Tsamaea uena ralefatla!” 24 Qetellong a hetla a ba sheba eaba o ba rohaka ka lebitso la Jehova. Libere tse peli tse tšehali+ tsa tsoa morung tsa hlasela bashanyana bao ’me tsa bolaea ba 42 ho bona.+ 25 A tloha moo ’me a ea Thabeng ea Karmele,+ ka mor’a moo a khutlela Samaria.