-
Numere 11:24, 25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Kahoo, Moshe a tsoa ’me a bolella sechaba mantsoe a Jehova. A bokella banna ba 70 ho baholo ba sechaba ’me a ba emisa ho potoloha tente ea pokano.+ 25 Joale Jehova a theoha a le lerung,+ a bua le eena+ eaba o nka o mong oa moea o halalelang+ o neng o le ho eena ’me o o beha ho baholo ba 70 kaofela. Eitse hang ha moea o theohela ho bona, ba qala ho itšoara joaloka baprofeta*+ empa ha baa ka ba etsa joalo hape.
-