-
2 Likronike 33:2-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+ 3 A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse,+ a etsetsa Baale lialetare hape a etsa le lipalo tse halalelang. A inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+ 4 Manase a boela a haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a ileng a re ka eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.”+ 5 A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A chesa bara ba hae+ Khohlong ea Mora oa Hinome,+ a sebelisa boselamose,+ bonohe, boloi ’me a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.+ O ile a etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa ’me a utloisa Jehova bohloko.
-