-
2 Marena 21:2-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+ 3 A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse+ ’me a etsetsa Baale lialetare le palo e halalelang*+ feela joalokaha Akabe morena oa Iseraele a ne a entse.+ O ile a inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+ 4 Manase a boela a haha lialetare ka tlung ea Jehova+ eo Jehova a ileng a re ka eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema.”+ 5 A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare+ ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A chesa* mora oa hae, a sebelisa boselamose, a batla lipontšo tsa se tlang,+ a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+ A etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa, a utloisa Jehova bohloko.
-