31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+
28Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+
3 Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Khohlong ea Mora oa Hinome, a ba a chesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ka pel’a Baiseraele.