Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 9:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla, a letse mololi a re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+

  • Pesaleme 74:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Tsamaea u ee sebakeng se felisitsoeng.+

      Sera se felisitse lintho tsohle sebakeng se halalelang.+

  • Pesaleme 79:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 79 Molimo, lichaba li hlasetse lefa la hao.+

      Li silafalitse tempele ea hao e halalelang.+

      Li entse Jerusalema qubu ea majoe.+

  • Esaia 64:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Tempele* ea rona e halalelang, e hlomphehang,*

      Eo baholo-holo ba rona ba u roriselitseng ho eona,

      E chesitsoe ka mollo+

      ’Me lintho tsohle tsa bohlokoa li senyehile.

  • Jeremia 7:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Kahoo, ntlo e bitsoang ka lebitso la ka+ eo le e tšepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholo-holo ba lona, ke tla li etsa ntho e tšoanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+

  • Lillo Tsa Jeremia 1:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Mohanyetsi oa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ’ohle a hae.+

      Etsoe o bone ha lichaba li kena ka sehalalelong sa hae,+

      Tseo u laetseng hore li se ke tsa kopana le batho ba hao.

  • Lillo Tsa Jeremia 2:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o lahlile aletare ea hae.

      O furaletse sehalalelo sa hae.+

      O nehelane ka mehaho ea Sione e melelele e sireletsehileng.+

      Ba entse lerata ka tlung ea Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.

  • Mikea 3:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka lebaka la hao,

      Sione e tla lengoa joaloka tšimo,

      Jerusalema e fetohe qubu ea majoe+

      ’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela