-
1 Samuele 16:6-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Eitse ha ba kena ’me a bona Eliabe+ a re: “E tlameha ebe enoa ke motlotsuoa oa Jehova.” 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke oa sheba tsela eo a shebahalang ka eona le kamoo a leng molelele kateng+ kaha ha kea khetha eena. Molimo ha a shebe lintho ka tsela eo motho a li shebang ka eona. Motho o bona se bonoang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.”+ 8 Joale Jese a bitsa Abinadabe+ ’me a re a fete ka pel’a Samuele empa a re: “Le enoa Jehova ha a mo khetha.” 9 Ka mor’a moo, Jese a tlisa Shama+ empa Samuele a re: “Le enoa Jehova ha a mo khetha.” 10 Kahoo, Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete ka pel’a Samuele empa Samuele a re ho Jese: “Ha ho na eo Jehova a mo khethileng har’a bona.”
-