-
2 Samuele 23:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 O ne a lateloa ke Eleazare+ mora oa Dodo+ mora oa Akoki, eo e neng e le e mong oa banna ba bararo ba matla ba neng ba e-na le Davida ha ba il’o qala Bafilista. Ba ne ba bokane moo hore ba tl’o loana ’me ha banna ba Iseraele ba baleha, 10 eena o ile a ema ’me a ’na a bolaea Bafilista ho fihlela letsoho le khathetse ’me le se le sa khone ho tlohela sabole.+ Kahoo, Jehova a ba thusa hore ba hlole* haholo letsatsing leo.+ Ka mor’a moo, batho ba mo latela ho ea hlobolisa ba bolailoeng.
-
-
2 Samuele 23:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Davida a bua hore na o lakatsa eng, a re: “Ke lakatsa ho noa metsi a tsoang selibeng se keiting ea Bethlehema.” 16 Eaba banna bao ba bararo ba matla ba kena ka nkane litenteng tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng se keiting ea Bethlehema ’me ba a tlisa ho Davida. Empa a hana ho a noa, a a qhalla fatše ka pel’a Jehova.+ 17 Davida a re: “Jehova, le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena. Na nka noa mali+ a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?” Kahoo, a hana ho a noa. Tsena ke lintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba li entseng.
-