-
1 Likronike 29:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Kaha ke rata ntlo ea Molimo oa ka,+ ke boetse ke fana ka khauta le silevera ho tsoa matlotlong a ka+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa ka holim’a lintho tsohle tseo ke li lokiselitseng ntlo e halalelang, 4 ke fana ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 100 000* e tsoang Ofire+ le silevera e hloekisitsoeng ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 200 000* bakeng sa ho tlotsa mabota a likamore, 5 khauta bakeng sa mosebetsi oa khauta, silevera bakeng sa mosebetsi oa silevera le bakeng sa mosebetsi oohle o tla etsoa ke litsebi tsa mesebetsi. Ke mang ea ithaopelang ho fa Jehova mpho kajeno?”+
-