Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:12-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 13 Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.+ 14 Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa ke tla mo khalemela ka thupa* ’me ke mo shape feela joalokaha batho ba etsa.+ 15 Nke ke ka khaotsa ho mo bontša lerato* joalokaha ke ile ka tlohela ho rata Saule,+ eo ke ileng ka mo tlosa ka pel’a hao. 16 Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+

      17 Nathane a bolella Davida mantsoe ana ’ohle le sohle seo a se boneng ponong.+

  • 1 Marena 9:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao Iseraele ka ho sa feleng feela joalokaha ke tšepisitse ntate oa hao Davida ka re, ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea lutseng teroneng ea Iseraele.’+

  • 1 Likronike 28:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova o mphile bara ba bangata+ ’me ho bona kaofela a khetha Solomone+ hore a lule teroneng ea borena ea Jehova ’me a buse Iseraele.+

  • Jeremia 23:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ea lokileng.+ E tla ba morena+ ’me a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatšeng.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela