-
1 Marena 12:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 A re ho bona: “Tsamaeang ’me le khutlele ho ’na ka mor’a matsatsi a mararo.” Ba tsamaea.+ 6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo* ba neng ba sebeletsa ntate oa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke re’ng ho sechaba see?” 7 Ba re ho eena: “Haeba kajeno u tla araba batho bana hantle, u be joaloka mohlanka ho bona ’me u lumele kopo ea bona, ba tla lula ba u sebeletsa.”
-