Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha Hoshea mora oa Ela morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora oa Morena Akaze+ oa Juda ea e-ba morena.

  • 2 Marena 18:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ezekiase o ne a tšepile Jehova+ Molimo oa Iseraele ’me ho ne ho se na morena ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda a busitseng pele ho eena le ka mor’a hae.

  • 1 Likronike 5:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ha ba ne ba loana le bona, Molimo o ile a ba thusa ’me ba hlola Bahagare le bohle ba neng ba e-na le bona. Kaha ba ile ba kopa Molimo hore a ba thuse ntoeng, o ile a araba kopo ea bona hobane ba ne ba mo tšepa.+

  • 2 Likronike 16:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Baethiopia le Balibia e ne e le masole a mangata haholo, ba e-na le likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere ba bangata. Empa kaha u ne u tšepile Jehova, o ile a u thusa hore u ba hlole.+

  • Pesaleme 22:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Ba ile ba llela ho uena eaba oa ba pholosa.

      Ba u tšepa ’me ha oa ka oa ba soetsa.*+

  • Pesaleme 37:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Tsebisa Jehova tsela ea hao.*+

      U itšetlehe ka eena ’me o tla u thusa.+

  • Nahume 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o molemo,+ ke setšabelo mohla letsatsi la mahlomola.+

      O hlokomela* ba balehelang ho eena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela