-
1 Marena 12:28-30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Ka mor’a hore morena a fumane keletso, a etsa manamane a mabeli a khauta+ ’me a re ho sechaba: “Jerusalema e hole. Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ke enoa lona Baiseraele.”+ 29 A beha e ’ngoe Bethele+ ’me e ’ngoe a e beha Dane.+ 30 Ntho ena ea etsa hore ba etse sebe+ ebile sechaba se ne se ea Dane ho ea rapela namane e neng e le moo.
-
-
1 Marena 13:33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Le ka mor’a ntho ena, Jeroboame ha aa ka a tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa empa o ile a ’na a khetha baprista ba libaka tse phahameng har’a batho feela.+ O ne a khetha* motho e mong le e mong ea neng a batla ho ba moprista a re: “Mo khetheng hore e be moprista oa libaka tse phahameng.”+
-