Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 31:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Le be sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona+ hobane Jehova Molimo oa lona ke eena ea tsamaeang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela.”+

  • Deuteronoma 31:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova ke eena ea tsamaeang ka pel’a lona ’me o tla lula a e-na le lona.+ A ke ke a le lahla kapa a le tlohela. Le se ke la tšoha kapa la thothomela.”+

  • Joshua 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 E-ba sebete ’me u be matla+ hobane ke uena ea tla kenya sechaba sena naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.+

  • Joshua 1:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ke u file taelo ea hore u be sebete ’me u be matla. U se ke oa haroha letsoalo kapa oa tšoha hobane Jehova Molimo oa hao u na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”+

  • 2 Marena 6:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Elisha a re: “U se ke oa tšoha+ hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.”+ 17 Elisha a rapela a re: “Jehova, ke kopa u etse hore a bone.”*+ Jehova a etsa hore mohlanka eo a bone hore lithabeng ho ne ho tletse lipere le likariki tsa ntoa tsa mollo+ ho ba potoloha.+

  • 2 Likronike 20:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A re: “Mamelang lona Bajuda bohle, baahi ba Jerusalema le Morena Josafate. Jehova o re ho lona: ‘Le se ke la tšosoa kapa la thothometsoa ke bongata bona hobane ntoa ha se ea lona ke ea Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela