-
2 Marena 24:14, 15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuoeng e leng likhosana tsohle,+ banna bohle ba matla, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le ba sebetsang ka tšepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+ 15 A isa Jojakine+ botlamuoeng Babilona.+ A boela a tlosa ’mè oa morena, basali ba morena, balaoli ba lekhotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema eaba o ba isa botlamuoeng Babilona.
-
-
2 Likronike 36:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Jojakine+ o ne a le lilemo li 18 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo le matsatsi a leshome. O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 10 Ha selemo se qala, Morena Nebukadnezare a romela banna ba hae hore ba mo tlise Babilona+ le lintho tsa bohlokoa tsa ntlo ea Jehova.+ A etsa Tsedekia ngoan’abo ntate oa hae morena oa Juda le Jerusalema.+
-
-
Jeremia 24:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Eaba Jehova o mpontša libaskete tse peli tsa lifeie* tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova. O ile a mpontša tsona ka mor’a hore Nebukadnezare* morena oa Babilona a hape Jekonia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda hammoho le likhosana tsa Juda, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+
-