Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 15:39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 ‘Le etse mophetho ona o litjobo e le hore ha le o bona le hopole litaelo tsohle tsa Jehova ebe lea li phetha.+ Le se ke la latela lipelo tsa lona le mahlo a lona hobane li etsa hore le se ke la ntšepahalla.*+

  • Moeklesia 11:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Mocha, u thabe ha u sa le mocha ’me pelo ea hao e thabe matsatsing a bocha ba hao. U latele thato ea pelo ea hao ’me u ee moo mahlo a hao a u lebisang teng. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u ahlola* ka lebaka la lintho tsena tsohle.+

  • Ezekiele 6:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ba phonyohileng ba tla nkhopola ba le lichabeng tseo ba isitsoeng botlamuoeng ho tsona.+ Ba tla hlokomela hore pelo ea ka e ile ea utloa bohloko hobane ha baa ka ba tšepahala* ’me ba ile ba mphuralla+ hape ba ne ba batla* litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ Lintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo ba li entseng li tla ba soabisa.+

  • Matheu 5:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Haeba leihlo la hao le letona le etsa hore u etse sebe,* u le honye ’me u le lahlele hole le uena.+ Ho molemo hore u lahleheloe ke setho se le seng ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe Gehena.*+

  • 1 Johanne 2:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 hobane lintho tsohle tse lefatšeng e leng litakatso tse fosahetseng,+ ho lakatsa lintho tseo re li bonang+ le ho ithorisa ka* lintho tseo re nang le tsona, ha li tsoe ho Ntate empa li tsoa lefatšeng.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela