-
1 Samuele 3:12, 13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Letsatsing leo, ke tla phethahatsa lintho tsohle tseo ke li buileng ka ntlo ea Eli, ho tloha qalong ho fihlela qetellong.+ 13 U mo bolelle hore ke ahlola ntlo ea hae ka kahlolo e ke keng ea fela ka lebaka la phoso eo a e tsebileng+ hobane bara ba hae ba rohaka Molimo+ empa ha aa ka a ba khalemela ka matla.+
-
-
1 Marena 1:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Adonija+ mora oa Hagithe o ne a iphahamisa a re: “Ke tl’o ba morena!” O ile a re a etsetsoe kariki ea ntoa le hore ho be le bapalami ba lipere le banna ba 50 ba mathang ka pel’a hae.+ 6 Empa ntate oa hae o ne a e-s’o ka a mo khalemela* a re: “Ke hobane’ng ha u entse ntho ee?” Adonija o ne a le motle haholo ’me a hlahlama Absalome.
-